Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 18:25 - BIBELE

25 Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 18:25
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?


Jwale difate, merung, di tla bina, di binela Morena ho tla, ha a etla ho ahlola lefatshe.


Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo.


“Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso.


Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.


“Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo;


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi.


Ya lokileng o tla thaba ha a bona phetetso, o tla hlatswa maoto a hae ka madi a ba kgopo.


Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle.


“Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka.


Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona.


kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.


Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”


Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena: Motho o a shwa leha a ntsa lokile, motho o a tsofala leha a ntsa le kgopo.


Empa wena Morena wa mabotho, wena ya ahlolang ka toka, wena ya lekolang pelo le kelello, a nke ke bone phetetso ya hao hodima bona, nna ke beile nyewe ya ka kapele ho wena.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


“Feela lona le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang?


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.


Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: ‘Mamelang dipelaelo tsa bana babo lona, mme le ahlole ka toka pakeng tsa motho le ngwanabo, le pakeng tsa hae le mojaki.


Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ