Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 18:20 - BIBELE

20 Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 18:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”


Empa yare ho eso robalwe, banna ba motse, banna ba Sodoma, bahlankana le maqheku, banna bohlebohle, ba etsetsa ntlo sakanalankope.


Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.


Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Tshimo ya morara ya Morena wa mabotho, ke ntlo ya Iseraele, tjhaba sa Juda ke semela se mo kgahlang; Morena a batla toka, empa a e hloka, bakeng sa ho loka ya eba dillo le tshollo ya madi.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.”


Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!”


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.”


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ