Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 18:17 - BIBELE

17 Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 18:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla theohela teng ho ya bona hore na ba entse kamoo sello se fihlang ho nna se leng kateng, mme haeba ho se jwalo, ke tla tseba.”


Banna bao ba tloha moo ba leba nqa Sodoma, empa Aborahama a sala a eme kapela Morena.


Morena a re: “Haeba nka fumana motseng wa Sodoma ho ena le ba mashome a mahlano ba lokileng, ke tla o tshwarela kaofela ka baka la bona.”


Morena a nesetsa sebabole le mollo hodima Sodoma le Gomora, di etswa ho Morena, mahodimong.


Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”


Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle?


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ