Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 17:19 - BIBELE

19 Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 17:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


Yaba Aborahama o re ho Modimo: “Ishemaele a ke a o phelele!”


Empa ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka, eo Sara a tla o tswalla yena isao, ka yona nako ena.”


Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.


Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”


Morena a iponahatsa ho yena, a re: “O se ke wa theohela Egepeta; o mpe o yo aha naheng eo ke tla o laela yona.


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”


a hauhela Aborahama le ditloholo tsa hae kamehla yohle, jwalokaha a buile ho bo-ntata rona.”


Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ