Genese 14:22 - BIBELE22 Empa Aborame a arabela kgosi ya Sodoma, a re: “Ke phahamisa letsoho, ke hlapanyetsa Morena, Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe; အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)22 Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe, အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”