Genese 14:20 - BIBELE20 Ho bokwe Modimo ya hodimodimo, ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao.” Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)20 Ho rokwe Modimo o hodimodimo, o neetseng dira tsa hao matsohong a hao! Yaba Abrame o mo abela karolo ya leshome ya ntho tsohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang.
Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.
Karolo ena e tswang ho tse leshome tsa koro ya lona, le tsa veine ya lona e ntjha, le tsa ole ya lona, le tsa matsibolo a lona a mehlape ya dikgomo le ya dinku, le tla e jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha hore a dule ho sona. Le etse jwalo hore le tle le ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla.