Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 14:18 - BIBELE

18 Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Melkisedeke, morena wa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le yena moprista wa Modimo o hodimodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 14:18
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o roma maqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, o re ho bona: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane le bontshitse botshepehi ho monga lona, e leng Saule, la mo epela.


le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Morena o hlapantse, ha a ka ke a kweneha; o itse: “O moprista kamehla yohle, jwaloka Meleki-Sedeke.”


Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta.


O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo.


Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng.


Motlotlwane wa hae o Salema, leaho la hae le Sione.


Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.


Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo?


Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya dikarolo tsohle tsa lona tse tswang ho tse leshome, tseo le di amohetseng di etswa ho bana ba Iseraele. Ho tsona le nee moprista, Arone, nyehelo ya Morena.


ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya nang le tsebo ya Ya Hodimodimo; ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.


La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!”


“Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re:


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


mme Modimo a mo phatlalatsa e le Moprista e Moholo jwaloka Meleki-Sedeke.


jwalokaha sebakeng se seng a re: “O moprista ka mehla yohle jwaloka Meleki-Sedeke.”


moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.


Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa.


Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ