14 Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.
14 Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.
Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”
Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.
Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.
Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.
Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!”
bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.
Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.