Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 11:27 - BIBELE

27 Lena ke leloko la Tera. Tera o ile a tswala Aborame, le Nakore, le Harane; Harane a tswala Lota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 11:27
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.


Aborame a nka mosadi wa hae Sarai, le Lota mora wa moenae, le thepa yohle eo ba neng ba e sebeditse, le makgoba, le bohle bao ba bileng le bona ha ba le Harane. Ba tloha, ba leba naheng ya Kanana, mme ba fela ba fihla naheng eo ya Kanana.


Ba hapa le Lota, mora wa moena Aborame, ya neng a ahile Sodoma, mmoho le thepa yohle ya hae.


Aborahama a tsebiswa, ha thwe: “Bona, Mileka le yena o tswaletse moena hao, Nakore, bana.


Joshua a re ho setjhaba sohle: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ya kgalekgale, bo-ntata lona, e leng Tera, ntata Aborahama, le ntata Nakore, ba ne ba ahile mose wane ho Noka, mme ba sebeletsa medimo e meng.


Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ