Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 9:5 - BIBELE

5 A bua ho banna ba bang ke ntse ke utlwa, a re: “Eyang le yena hara motse, le bolaye! Le se ke la hauhela motho, kapa la mo utlwela bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba o re ho bona, ke ntse ke utlwa: Pholletsang ka motse kamora hae, le hlabake; mahlo a lona a se ke a qenehela, le hloke mohau;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 9:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.


Jwale a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ka mong a nke sabole ya hae, a kene ka monyako ona, a tswe ka monyako wane, diahelong tsohle, a bolaye ngwanabo, a bolaye motswalle wa hae, a bolaye le ya ahelaneng le yena.’ ”


Diqha di tla roboka batjha, ba fetohe ditsekana, baimana bona ba ba hlokele mohau, leha e le hona ho utlwela bana bohloko.


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


Morena wa mabotho o nnyenyeleditse, a re: “Matlo a mangata a tla sala e le dithako, matlo a maholo, a matle, a hloke baahi.


Lefu le kene ka difesetere tsa matlo, la kena le ka matlung a dikgosi tsa rona, la hleka bana diterateng tsa motse, la hleka le bahlankana mabaleng a motse.


“ ‘Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.’ ”


Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


“Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.


Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko, empa ke tla o putsa ho latela boitshwaro ba hao, le mesebetsi e nyonyehang e hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang.


Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.”


Ka baka leo, nke ke ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Motho ka mong o tla putswa ka tseo a di entseng ba bang.”


Morena a re ho yena: “Tsamaya hara motse wohle wa Jerusalema, mme bohle ba hlomohileng, ba lliswang ke manyala wohle a etswang hara motse ona, o ba tshwaye diphatleng.”


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ