Ezekiele 9:2 - BIBELE2 Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)2 Yaba ke bona ho etla banna ba tsheletseng ka tsela ya monyako o hodimo, o lebileng nqa leboya, e mong le e mong a ena le sa hae sa ho thuha, mahareng a bona ho ena le monna e mong ya apereng lene, a ena le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae; ba fihla, ba ema pela aletare ya koporo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.