Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 9:1 - BIBELE

1 Lentswe le matla la howa ka ditsebeng tsa ka, la re: “Lona balebedi ba motse, tloong kwano! Monna ka mong a tle a nkile dihlomo tsa hae!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o nkgoweletse ditsebeng ka ho tlerola, a re: Atametsang ba tlang ho otla motse, e mong le e mong a be le seo a tla senya ka sona letsohong la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 9:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!”


Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse.


Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.


Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”


Phahamisang mokgele, le lebe Sione! Potlakelang teng, le se ka la dieha! Ke tlisa koduwa e hlaha leboya, koduwa eo e tla ba nanaola.”


Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ