Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:5 - BIBELE

5 Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A re ho nna: Mora motho, o emisetse mahlo a hao nqa leboya. Yaba ke emisetsa mahlo a ka nqa leboya, mme ka bona, nqa leboya ho monyako wa aletare setshwantsho seo sa poulelo se le monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:5
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e a halalelang.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.


Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa.


“ ‘Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse.


“Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.


A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ