Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:2 - BIBELE

2 Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ke tadima, ka bona hoo e kang motho, sebopeho sa hae se le jwaloka mollo; ponahalo ya matheka a hae, ho isa tlase, e ne e le mollo; ho tloha mathekeng a hae ho isa hodimo, e ne e ka kganya, e ka ponahalo ya koporo e hlenneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:2
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.


A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.


Mmele wa hae o ne o benya jwaloka lehakwe le phatsimang, sefahleho sa hae se ka lehadima, mahlo a hae a ka mabone a tukang, matsoho a hae le maoto a hae a benya jwaloka lethose le hlakodisitsweng, lentswe la hae le utlwahala jwaloka modumo wa letshwele la batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ