Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:13 - BIBELE

13 Morena a boela a re ho nna: “Hetla hape, mme o tla bona manyala a mabe ka ho fetisisa, ao ba a etsang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A eketsa, a re ho nna: O sa tla bona manyala a mang a maholo a etswang ke bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:13
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Yaba Morena o ntlisa monyakong wa Tempele ya hae, o neng o tadimile nqa leboya, mme ka bona basadi ba llelang modingwana Tammusi ba dutse hona teng.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na see o a se bona? Hetla hapehape, mme o tla bona manyala a fetisisang ana ka bobe.”


Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ