Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 8:10 - BIBELE

10 Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 8:10
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe.


Sebetli sa lehong se lekanya ka kgwele ya sona, se tshwaye moralo wa modingwana ka pene, se sebedise phalo ho betla lehong, ebe se le tshwaya ka ho methang. Jwale ebe se a betla, se etsa tshwantsho sa motho, tshwantsho sa motho ya kgahlehang haholo, se tla bewa ka tlung.


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


Kahoo Iseraele o silafaditse naha ka bootswa ba hae bo se nang dihlong, a etsa bofebe ka ho kgumamela majwe le difate.


“Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana?


Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’


Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.”


“Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi.


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


A re ho nna: “Kena, o bone manyala a mabe ao ba a etsang mona.”


tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi.


Le se ke la itshilafatsa, la iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, se tshwanang le monna kapa mosadi.


kapa se tshwanang le eng kapa eng e hahabang hodima lefatshe; kapa se tshwanang le tlhapi efe kapa efe e metsing, katlase ho lefatshe.


Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.


“Haekare ha le tswetse bana, le ena le ditloholo, le se le phetse ka nako e telele naheng ena, la itshilafatsa ka ho etsa setshwantsho se betlilweng, se ka bang le sebopeho sefe kapa sefe, mme la etsa hoo ho kgopo, moo Morena Modimo wa lona, a ntseng a bona, ho mo halefisa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ