Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:6 - BIBELE

6 Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 bofelo bo a tla, bofelo bo a tla, bo o phaphametse. Bona, bo tlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle.


Dira di disitse metsamao ya rona, re sitwa le ho tsamaya diterateng tsa rona. Bofelo ba rona bo se bo atametse, ditshiu tsa rona di se di badilwe, bofelo ba rona bo se bo fihlile.


Ka baka leo, ba bolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.’ Empa ba bolelle, o re: ‘Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.


“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!


Bonang letsatsi le a tla! Le tla fela le tle! ho rialo Morena Modimo. Ke lona letsatsi leo ke buileng ka lona.


“Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung.


Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.


Letsatsi le o tjhabetse, wena ya ahileng naheng. Nako e fihlile, letsatsi la tsietsi le haufi, ha ho thabo e tla utlwahala dithabeng, haese mehoo ya tshabo feela.


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ