o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone.
O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.
“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”
Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.”
hobane mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse kgolo, tse esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya lefatshe ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.