Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:19 - BIBELE

19 Ba tla akgela silefera ya bona diterateng, kgauta ya bona ba e nyonye. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona le kgauta ya bona di ke ke tsa ba lopolla; meya ya bona e ke ke ya kgotsofala, le mala a bona a ke ke a kgora letho, hobane tsena ke tsona tse ba dihetseng sebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:19
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.


Maruo a fumanweng ka bokgopo ha a na thuso, empa toka e lokolla motho lefung.


Kgalefo ya Modimo e ke ke ya fediswa, ya fediswa ke maruo a motho, empa ho loka ho lopolla motho lefung.


Ya ratang tjhelete ha e ke be e mo lekane, ya ratang leruo kamehla o a le halala; hona le hona e sa le lefeela.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!


Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena.


“ ‘Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba.


Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.


Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo.


Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.”


“Ke tla timetsa batho, ke timetse diphoofolo, ke timetse nonyana tse fofang sepakapakeng, ditlhapi tsa lewatle le tsona ke di timetse. Ke tla fedisa dikgopiso mmoho le ba kgopo, batho bohle lefatsheng le bona ke ba timetse,” ho rialo Morena.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Le Davida o re: “Dijo tsa bona e ke e be leraba le letlowa, di etse hore ba we, mme ba otlwe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ