Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:13 - BIBELE

13 “Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane morekisi ha a ka ke a boela a rua seo a rekisitseng ka sona, esita le hoja a ka nna a phela le ba phelang, hobane pono e hlollang e hlahileng bakeng sa letshwele lohle la bona e ke ke ya kgutliswa, mme motho ya phelang ka bokgopo a ke ke a tiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.”


hoba o kokoseditse Modimo letsoho, o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!


Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela.


“ ‘Selemong seo sa mokete wa tokoloho e mong le e mong a boellwe ke lefa la hae.


Empa matlo a metseng e seng kahara marako, wona a tla balellwa e le karolo ya naha e kathoko; a ka lopollwa, mme ka selemo sa mokete wa tokoloho a tla kgutlela ho beng ba wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ