Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 7:10 - BIBELE

10 “Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 7:10
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka;


Polelo tsa sethoto di se otlela boikgantsho, empa tsa ba bohlale tsona di a ba sireletsa.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


O madimabe wena Asiria, o leng molamu wa kgalefo ya ka! Kotjane ya kgalefo ya ka e tsohong la hao!


Sebohodi sa araba, sa re: “Tsatsi le tla tjhaba, ho boele ho phirime. Ha le rata ho botsa, botsang! Le boele le kgutle le tlo botsa hape!”


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Ka baka leo, ba bolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.’ Empa ba bolelle, o re: ‘Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.


Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.’ “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”


E leoditswe hore e tle e etse mofela, ya tshotswa hore e phatsime sa lehadima! “ ‘Na re lokela ho nyakalla, re thabe? Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa, sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.


“ ‘Tjhaba sena sa ka ke se bea tekong; haeba se fela se hana ho baka, tsena tsohle di tla etsahala ho sona, ho rialo Morena Modimo.’


Tsatsi leo le se le atametse, tsatsi la Morena le se le atametse! E tla ba tsatsi la ho phethesela ha maru, e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.


Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.


Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile.


Ha nka ke ka o hauhela kapa ka o utlwela bohloko. Ke tla o putsa ho ya ka boitshwaro ba hao le ka mesebetsi ya hao e manyala hara lona. Jwale le tla tseba hore ke nna Morena ya otlang.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.


Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ