Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 6:2 - BIBELE

2 “Wena ngwana motho, tadima dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora motho, o lebise sefahleho sa hao nqa dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 6:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka mokgwa o jwalo, wena ngwana motho, fahleho sa hao a se ke se tadimane le baradi ba setjhaba sa heno, ba hlahisang boporofeta bo itswelang mehopolong ya bona. Wena o porofete, o ba hanyetse,


Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.


“Wena ngwana motho, tadima borwa, o rute, o hanyetse naha e ka borwa, o porofetele moru wa naha e ka borwa.


“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele.


E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”


“Wena ngwana motho, tadima Baamone, mme o ba porofetele.


“Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.


Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.


Ke tla di katla makgulong a matala, di fule maloting a Iseraele. Di tla botha metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.


Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.”


“Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi.


“O shebe thibella e etseditsweng Jerusalema, ebe o porofetela Jerusalema letsoho la hao le le phollatsi.


Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ