Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 5:5 - BIBELE

5 Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena Jehova o re: Suna Jerusalema! Ke ne ke mmeile hara ditjhaba, ke beile mafatshe a mang ho mo teela hare;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 5:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bolelwa ka tse kgabane, wena motse wa Modimo, ho thwe:


Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella. Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.


Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!


Ka baka la botle ba hao, botumo ba hao ba tlalatlala hara baditjhaba, hobane mekgabiso eo ke neng ke o kgabisitse ka yona e ile ya etsa hore botle ba hao bo phethehe, ho rialo Morena Modimo.


“Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona.


Ebe jwale o nka diqoba tse ding hape, o di akgela mollong, wa di tjhesa. Mollo o tla qhoma o etswa ho tsona, ebe o tjhesa bohle ba ntlo ya Iseraele.”


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


“Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;


Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Morena a di timeditseng moo le ntseng le bona; le lona le tla timela jwalo, hobane ha le a ka la mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ