Ezekiele 5:10 - BIBELE10 Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe.
Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.