Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:8 - BIBELE

8 “Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moeding wa Juda, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke karolo eo le tla e arolela le ho e abela Jehova, e bophara bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bolelele bo lekanang le karolo tse ding, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela; sehalalelo se tla ba teng mahareng a yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


“Sebaka se setseng ka mahlakoreng a mabedi a karolo e kgethehileng, le se setseng kathoko ho setsha sa motse, se tla abelwa kgosana. Ho tloha sebakeng se kgethehileng, sebaka seo se tla namela moeding o ka botjhabela, se be se namele le moeding o ka bophirimela. Dibaka tsena tse pedi, tse ikgohlileng ka meedi ya naha e abetsweng merabe, e tla ba tsa kgosana, mme sebaka se kgethehileng, se nang le Tempele, se tla ba bohareng ba dibaka tsena tse ding.


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


“Bolelele ba karolo e tla abelwa Morena e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba yona e be dikilomethara tse leshome.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.


Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ