Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:21 - BIBELE

21 “Sebaka se setseng ka mahlakoreng a mabedi a karolo e kgethehileng, le se setseng kathoko ho setsha sa motse, se tla abelwa kgosana. Ho tloha sebakeng se kgethehileng, sebaka seo se tla namela moeding o ka botjhabela, se be se namele le moeding o ka bophirimela. Dibaka tsena tse pedi, tse ikgohlileng ka meedi ya naha e abetsweng merabe, e tla ba tsa kgosana, mme sebaka se kgethehileng, se nang le Tempele, se tla ba bohareng ba dibaka tsena tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ho setseng e tla ba ha morena, ka kwano le ka kwana ho karolo e arotsweng, e halalelang, le ho naha e ruilweng ke motse, maloka le karolo e ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano e arotsweng ka nqa moeding wa botjhabela, le maloka le ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano ka nqa bophirimela, ho isa moeding wa bophirimela, maloka le dikarolo; e tla ba naha ya morena; karolo e arotsweng e halalelang, hammoho le sehalalelo sa ntlo, di tla ba mahareng a naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.


Karolo ya sebaka sena se halalelang e tla ba naha ya baprista. Bolelele ba yona, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo; ka borwa bophara ba yona, ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse hlano. Sehalalelo sa Morena se tla ba bohareng ba yona.


“Ditekanyo tsa sebaka se bohareng ba karolo e kgethehileng di tla lekana, bolelele le bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho se ho balellwa le sebaka seo motse o hahilweng ho sona.


Karolo ya naha e abetsweng Balevi le e abetsweng motse e tla ba bohareng ba karolo ya naha ya kgosana. Karolo ya kgosana e tla ba pakeng tsa moedi wa Juda le moedi wa Benjamine.”


“Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ