Ezekiele 48:16 - BIBELE16 Ditekanyo tsa motse e tla ba tsena: Bolelele ba wona bo tla lekana le bophara ba wona, e be dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 Tekanyo tsa motse oo ke tsena: lehlakore le ka nqa leboya le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa borwa le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa botjhabela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano; lehlakore le ka nqa bophirimela le tla ba ditswe tse dikete tse nne tse nang le makgolo a mahlano. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |