Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:15 - BIBELE

15 “Karolo e setseng, e etsang bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, yona hase e halalelang, mme ke e tla sebediswa ke setjhaba ho haha metse, matlo a bodulo le ho etsa makgulo. Motse o tla ba bohareng ba karolo ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Haele ditswe tse kete tse hlano tse setseng bophareng, ho tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ke tse sa halalelang, tsa ho etsa motse le matlo le metsana; motse o tla ba mahareng a naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:15
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.


“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.


“ ‘Haufi le setsha se halalelang, karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, e tla ba setsha sa motse, moo bana bohle ba Iseraele ba ka ahang teng.’ ”


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ