Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 48:11 - BIBELE

11 Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Karolo eo e halalelang e tla ba ya baprista, bara ba Tsadoke, ba nnileng ba boloka seo ke neng ke se beile ho bona, ba sa kang ba kgeloha, mohla bana ba Iseraele ba kgelohang, le mohla Balevi le bona ba kgelohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 48:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.’ ”


athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”


O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.


Kaha ba ile ba sebeletsa setjhaba kapele ho medingwana ya sona ya bohata, mme ba dihela ba ntlo ya Iseraele bokgopong, kahoo ke hlapantse hore ke tla ba otlela bokgopo boo ba bona, ho rialo Morena Modimo.


Karolo ena e halalelang ya naha e tla abelwa baprista, e leng basebeletsi ba Sehalalelo, ba atamelang kapele ho Morena ho mo sebeletsa. E tla ba setsha sa matlo a bona le setsha se halalelang sa Tempele.


Naha ena eo ba tla e newa, ho bona e tla ba mpho e halalelang haholo, mme e tla sehelana moedi le naha ya Balevi.


Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.”


Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ