Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:9 - BIBELE

9 “Hohle moo noka a phallelang teng ho tla phela dibopuwa ka mefuta yohle ya tsona. Ho tla ba le boiyane ba ditlhapi, hobane metsi ao a phallelang lewatle a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. Kahoo hohle moo metsi a phallelang teng, dibopuwa tsohle di tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho tla phela sebopuwa se seng le se seng se hahabang se leng teng moo ho fihlang dinoka tse pedi; le dihlapi tsona di tla ba ngata; hobane metsi ao a fela a tla fihla teng, lewatle le hlapholohe; tsohle tse tla fihlelwa ke noka di tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:9
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.


a kollisa melatswana lefikeng, a phallisa metsi jwaloka hoja ke a noka.


mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”


Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.”


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.


Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.


Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.


Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi.


Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.


hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.


hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ