Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:7 - BIBELE

7 Ha ke fihla lebopong moo, ka bona difate tse ngata, tse metseng mabopong a noka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha ke boya, ka bona lebopong la noka ho le difate tse ngatangata mose o kwano le mose wane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo.


Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane.


Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate. Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo,


“Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”


Bohareng ba lebala la motse oo, dipakeng tsa makala a mabedi a noka, ho metse sefate sa bophelo, se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi ka selemo, e leng hanngwe ka kgwedi e nngwe le e nngwe, mme mahlaku a sona a phekola ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ