Ezekiele 47:6 - BIBELE6 Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, na tsee o a di bona?” Jwale a nkgutlisetsa lebopong la noka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Yaba o re ho nna: Na o bone, mora motho? Yaba o a ntsamaisa, a nkgutlisetsa lebopong la noka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.