Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:3 - BIBELE

3 Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eitse ha monna eo a tswela ka nqa botjhabela, o ne a ena le kgwele letsohong la hae; mme a lekanya sebaka sa ditswe tse sekete, a ntshedisa metsi ao; metsi ao a ne a fihla maqaqailaneng a maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.


Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa.


A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla mangweleng. A metha hape dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla thekeng.


Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang!


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona.


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ