Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:22 - BIBELE

22 Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le tla le laola ka lotho ho iketsetsa dikoto tseo e tla ba mafa a lona, le a baditjhaba ba ahileng hara lona, e leng baditjhaba ba tswetseng bana ha eno; ho lona ba tla ba jwaloka batala baneng ba Iseraele; ba tla laolelwa lefa la bona hara meloko ya Iseraele ka lotho hammoho le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:22
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


“ ‘Mohla le arolelanang naha ka lotho, le aba lefa, le kgethele Morena karolo e nngwe ya yona, e le sebaka se halalelang. Bolelele ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome. Sebaka sena sohle e tla ba sebaka se halalelang.


“Le tla arolelana naha ena jwalo, ho ya ka merabe ya Iseraele.


Le abele moditjhaba lefa morabeng ofe kapa ofe oo a ahileng hara wona,” ho rialo Morena Modimo.


“Naha ena ke yona eo le tla e arolela merabe ya Iseraele, hore e be lefa la yona, mme tsena e tla ba tsona dibaka tsa merabe eo,” ho rialo Morena.


Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


Ha a a ka a kgetholla pakeng tsa rona le bona, o hlwekisitse dipelo tsa bona hobane ba ile ba dumela.


Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.


Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.


Ka baka leo, ratang bajaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ