Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:2 - BIBELE

2 Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o nntshetsa ntle ka tsela ya monyako wa leboya, a ntsamaisa ho pota ntlo ka tsela e kantle, ho ya fihlela monyakong o isang kantle, ho leba ka nqa botjhabela; ka bona metsi a phallela a etswa ka ho le letona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:2
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale monna enwa a nkisa kgorong e ka leboya, mme a e metha. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.


Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona.


Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.


Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ