Ezekiele 47:13 - BIBELE13 Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ana ke mabitso a merabe. Moedi wa naha ya Dane o tla tloha ka leboya, o ye lebopong la lewatle, ka tsela e lebang Hetelone, ha motho a eya Hamate le Hasere-Enane, o yo fihla moeding o ka leboya wa Damaseka, lekgalong la Hamate. Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela Dane o tla abelwa karolo e le nngwe ya naha.