O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi.
Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”
Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.
Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
Tlohela ya etsang tse sa lokang a nne a etse tse sa lokang, ya silafetseng a ne a etse tse ditshila; ya lokileng a nne a etse tse lokileng, le ya halalelang a nne a halalele.