Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 47:1 - BIBELE

1 Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o mpusetsa monyakong wa ntlo; mme ka bona metsi a etswa tlasa monyako a ntlo, ka nqa botjhabela; hobane sefahleho sa ntlo se ne se tadimile ka nqa botjhabela. Metsi a ne a theoha, a tloha tlasa lehlakore le letona la ntlo, ka nqa borwa ho aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 47:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leha metsi a lona a ka befa, a tlokoma mafilo, dithaba tsa reketliswa ke ho tuduana ha wona.


Noka e teng eo makala a yona a thabisang motse wa Modimo, leaho le halalelang la Ya Hodimodimo.


Dibini le dihoba di re: “Bohle re phela ka ho wena.”


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


Jwale monna eo a ya kgorong e shebileng botjhabela. A nyoloha ka mehato ya yona, a metha monyako wa yona: Bophara ba wona bo ne bo etsa dimethara tse tharo.


Monyako wona o ne o etsa dimethara tse hlano ka bophara, mme marako a kathoko, ka lehlakoreng le leng le le leng la wona, a ne a etsa bophara ba dimethara tse pedi le halofo. Monna eo a metha le Sehalalelo: Bolelele ba sona e ne e le dimethara tse mashome a mabedi, bophara ba sona e le dimethara tse leshome.


Monna eo a re ho nna: “Ena ke mekgoro eo ba sebeletsang ka Tempeleng ba tla phehela mahlabelo a setjheso a setjhaba ka ho yona.”


Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”


Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa.


“Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime.


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


Mohla tsatsi leo, metsi a bophelo a tla phalla a etswa Jerusalema, halofo ya wona e phallele lewatleng le ka botjhabela, halofo e nngwe yona e phallele lewatleng le ka bophirimela. Ho tla ba jwalo hlabula le mariha.


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ