Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:9 - BIBELE

9 “ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae.


Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela.


Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


Jwalokaha sediba se kopotsa metsi, le motse ona o kopotsa bokgopo ho wona; mahahapa le timelo di utlwahala hara wona, kamehla ke bona bohloko ba wona le maqeba a wona.


“Bolella bafetohedi, e leng ba ntlo ya Iseraele, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Lona ba ntlo ya Iseraele, manyala ana wohle a lona a sa lekane!


Meferefere e fetohile thupa e otlang bokgopo; ha ho le ya mong wa bona le wa sehlopha sa bona ya tla phonyoha; ha ho maruo a tla sala leha e le ntho ya bohlokwa.


“Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Empa toka e ke e phalle, e phalle jwaloka noka, ho loka ho ke ho be jwaloka molatswana, ho ke molatswana o phallang kamehla.


Basadi ba tjhaba sa ka le a ba leleka, le ba leleka malapeng, malapeng a bona a matle; le amoha bana ba bona tlotla ya ka, le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.


Na nka iphapanyetsa matlotlo a bolotsana, le dikala tse qhekanyetsang, tse rohakehileng?


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko.


Tsena ke tseo le tshwanelang ho di etsa: Le bolellane nnete, le ahlolelane ka ho loka le ka nnete makgotleng a lona, hore kgotso e tle e be teng.


Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ