Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:8 - BIBELE

8 Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 E tla ba yona naha ya hae, leruo la hae Iseraeleng; mme marena a setjhaba sa ka ha a sa tla tuba setjhaba sa ka, a mpa a tla nea ntlo ya Iseraele naha, ka ho ya ka meloko ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


Le leng la madinyane a hae a le hodisa, la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.


Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.’ ”


Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”


Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Ha Baiseraele ba qetile ho aba naha eo e leng lefa, ka ho seha meedi ya yona, yaba bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora wa Nune, naha ya hae kahara ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ