Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:19 - BIBELE

19 Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa sebe, a a bee dikoseneng tsa monyako wa ntlo; le dintlheng tse nne tsa moqhaka wa aletare, le dikoseneng tsa monyako wa lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:19
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophahamo ba karolo e katlasetlase ya aletare, ho tloha kahodimo ho ya fatshe, e ne e le methara feela. Karolo e nngwe e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha, bophahamo e le dimethara tse pedi. Karolo e latelang ena le yona e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha.


Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”


O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.


O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng.


Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya.


O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ