Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 45:17 - BIBELE

17 Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 45:17
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.


Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.


Kgosi ya fana ka seabo sa yona, se tswang mehlapeng ya yona, bakeng sa ho etsa dinyehelo; e leng nyehelo ya setjheso ya hoseng le ya mantsiboya, le bakeng sa ho etsa nyehelo ya setjheso ya Sabatha, le ya ho thwasa ha kgwedi, le ya mekete e kgethehileng, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena.


Jwale bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Iseraele, se neng se kgobokanetse ho yena, ba ema kapele ho areka, ba etsa mahlabelo ka dikgutshwane, le ka dipohwana tse ngata, hoo di neng di ke ke tsa balwa.


Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.


Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.


Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.”


Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng.


“ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.


“ ‘Ka letsatsi la botshelela le tla nyehela ka dipohwana tse robedi, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.


Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau,


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ