Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 44:3 - BIBELE

3 Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Haele morena, morena yena o tla dula teng ho jela bohobe teng pela sefahleho sa Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a monyako, a boele a tswe ka tsela yona eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 44:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.


Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena.


A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.


Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.


Ba kotulang mabele ke bona ba tla a ja, ba a je, ebe ba rorisa Morena; ba kgang morara ke bona ba tla nwa veine, ba e nwelle mabaleng, mabaleng a Sehalalelo sa ka.’ ”


Nna Morena ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida, e be kgosana ya tsona. Nna Morena ke buile jwalo.


Ba tla aha naheng eo ke e neileng mohlanka wa ka Jakobo, naheng eo bo-ntata lona ba neng ba ahile ho yona. Le bona, mmoho le bana ba bona le ditloholwana tsa bona, ba tla aha teng kamehla, mme Davida, mohlanka wa ka, e tla ba kgosana ya bona kamehla yohle.


Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele.


Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.’ ”


Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya.


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ