Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”
“Sehlabelo sena sa setjheso se tla nne se etsetswe Morena kamehla yohle, ho isa melokong ya lona e tlang; se etsetswe monyakong wa Tente ya Morena, moo ke tla kopana le wena, ke be ke bue le wena hona teng.
Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.
A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.
Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”