Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:4 - BIBELE

4 Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme kganya ya Jehova ya kena tlung, ka tsela ya monyako o tadimileng ka nqa botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba leru le kgurumetsa Tente ya Morena, mme tlotla ya Morena ya tlala ka Leahong.


Jwale Moshe a sitwa ho kena ka Tenteng ya Morena, hobane leru le ne le e kgurumeditse, mme tlotla ya Morena e tletse ka Leahong.


“Tsoha, phatsima, hobane sedi la hao le tlile, tlotla ya Morena e phatsima hodima hao.


Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.


Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse.


Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”


Yaba monna eo o nkisa kgorong e shebileng botjhabela.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona.


Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ