Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 43:12 - BIBELE

12 “Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 43:12
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditemoso tsa hao di tshepahala haholo; ntlo ya hao e tshwanelwa ke kgalalelo, kamehla le mehla, wena Morena.


Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang.


Modimo a nkisa naheng ya Iseraele ka pono, a mpea hodima thaba e telelehadi, eo ka borwa ho yona ho neng ho ena le ho kang mehaho ya motse.


Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.


“Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona.


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ