Ezekiele 43:10 - BIBELE10 “Wena ngwana motho, hlalosetsa Baiseraele tsa Tempele ena, dibe tsa bona di tle di ba hlabise dihlong. Etsa hore ba lekanye moralo wa yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Mora motho, tshwantshetsa ntlo ya Iseraele ntlo eo, hore ba tle ba hlajwe ke dihlong ka baka la makgopo a bona, mme ba lekanye phetheho ya yona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi.
Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.
“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”