Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 42:6 - BIBELE

6 Dikamore tsa disolloro tsena tse tharo di ne di se na ditshiya tse kang tsa lebala le kantle. Kahoo dikamore tse kahodimodimo di ne di sesefetse ho feta tse sollorong e katlase le e mahareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane di fela di ne di etsa mela e meraro, ho se ditshiya tse jwaloka ditshiya tsa mabala; ke ka baka leo ho neng ho kgutshofaditswe dibaka tsa mola o katlase le tsa o kahare, ho tloha fatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 42:6
3 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro.


Dikamore tsona di ne di hahilwe ka disolloro, mme sollorong e nngwe le e nngwe ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo. Ho ne ho ena le ditshehetso lerakong la Tempele, ho tshehetsa dikamore tse kathoko; feela ditshehetso di ne di sa hahellwa lerakong la Tempele.


Dikamore tse kahodimo di ne di qotetsane ho feta tse sollorong e hare le e katlase ho mohaho, hobane mehohoma e ne e jele sebaka se sengata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ