Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 42:20 - BIBELE

20 Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A lekanya lerako ka nqa tse nne; e ne e le lerako le potang le bolelele bo tswe tse makgolo a mahlano, le bophara bo tswe tse makgolo a mahlano; lerako leo e le la ho arohanya sehalalelo le se sa halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 42:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.


Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.


Ka tsatsi leo, naheng ya Juda ho tla binwa sefela sena: Re na le motse o matla, ka marako le metero ya wona Modimo o a re pholosa.


Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso.


Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla.


Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo.


Yaba jwale o ya lehlakoreng le ka bophirimela, o a le metha; lona la etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano.


“Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.”


“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.


Mahlakore a setsha sa Sehalalelo a tla lekana, lehlakore ka leng e be dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano; bophara ba sebaka se potapotileng setsha sena e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


“Karolo e setseng, e etsang bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, yona hase e halalelang, mme ke e tla sebediswa ke setjhaba ho haha metse, matlo a bodulo le ho etsa makgulo. Motse o tla ba bohareng ba karolo ena.


“Ditekanyo tsa sebaka se bohareng ba karolo e kgethehileng di tla lekana, bolelele le bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho se ho balellwa le sebaka seo motse o hahilweng ho sona.


Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;


Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Ntle ho tsena tsohle, kgohlo e kgolo e teng pakeng tsa rona le lona, e le hore ba ratang ho tloha mona ba tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba tlohang moo ba tshelela ho rona.’


Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ