Ezekiele 42:11 - BIBELE11 tse nang le tsela e fetang kapele ho tsona. Dikamore tsena di ne di tshwana le tse ka leboya ka bolelele le ka bophara, le ka menyako e tswelang kantle, le ka ditekanyo. Katlasa dikamore tse ka borwa, အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)11 Ponahalong ya tsona ka nqa ka pele, di ne di tshwana le dikamore tse lebileng ka nqa leboya; bolelele bo ne bo le jwalo le bona bophara, le moo di neng di tswela teng, le dibopeho tsa tsona, le menyako ya tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi.
Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.